LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 15:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka nako eo baeta-pele ba Edomo ba tla khathatseha;

      Ha e le bahatelli ba Moabe, ba tla tšoaroa ke ho thothomela.+

      Baahi bohle ba Kanana ba tla nyahama.+

  • Deuteronoma 2:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Letsatsing lena ke tla qala ho etsa hore lichaba tse tlas’a maholimo ’ohle, tse tlang ho utloa tlaleho e mabapi le lōna li le tšabe ’me li le tšohe; ’me ka sebele li tla ferekana ’me li be le mahlaba a kang a pelehi ka lebaka la lōna.’+

  • Deuteronoma 11:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ha ho motho ea tla ema a tiile khahlanong le lōna.+ Jehova Molimo oa lōna o tla etsa hore naha+ eohle eo le tla hata ho eona e le tšohe ’me e le tšabe, feela joalokaha a le tšepisitse.

  • Joshua 5:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Eitse hang ha marena ’ohle a Baamore,+ a neng a le ka lehlakoreng la Jordane ho ea ka bophirimela, le marena ’ohle a Bakanana,+ a neng a le haufi le leoatle, a utloa hore Jehova o ne a pshesitse metsi a Jordane ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela ba tšetse, eaba lipelo tsa ’ona li qala ho nyahama,+ ’me a ne a se a se morōlō ka lebaka la bara ba Iseraele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share