LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 15:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame,+ a re: “Ke tla fa peō ea hao naha ena,+ ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate:+

  • Exoda 23:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 “Ke tla beha moeli oa lōna ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nōkeng;+ hobane ke tla nehelana ka baahi ba naha matsohong a lōna, ’me ka sebele le tla ba leleka ka pel’a lōna.+

  • Numere 34:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “‘Lehlakore la lōna le ka boroa le be ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo,+ ’me moeli oa lōna o ka boroa o be ho tloha pheletsong ea Leoatle la Letsoai+ ka bochabela.

  • Deuteronoma 1:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Retelehang ’me le tlohe le ee sebakeng se lithaba sa Baamore+ le ho baahelani bohle ba bona ba leng Araba,+ sebakeng se lithaba+ le Shefela le Negebe+ le lebōpong la leoatle,+ naha ea Bakanana,+ le Lebanone,+ ho fihlela nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate.+

  • Joshua 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 O ne o fetela Azmone+ ’me o tsoela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta;+ qetello ea moeli ea e-ba leoatleng. Ona ea e-ba moeli oa bona o ka boroa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share