55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+
18 e le hore ba se ke ba le ruta ho etsa ho ea ka lintho tsohle tsa bona tse manyala, tseo ba li etselitseng melimo ea bona, ’me la siteloa Jehova Molimo oa lōna.+
21 Bara ba Benjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema;+ empa Bajebuse ba ntse ba lula le bara ba Benjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+