-
Baahlodi 19:3Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
3 Joale monna oa sona a tloha ’me a se sala morao ho ea bua le sona ka mokhoa o tšelisang e le hore a se khutlise; mohlanka+ oa hae o ne a e-na le eena le liesele tse peli tse tona. Kahoo sa mo kenya ka tlung ea ntat’a sona. Ha ntat’a mosali eo e mocha a mo bona, hang-hang a thabela ho kopana le eena.
-
-
Baahlodi 19:9Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
9 Joale monna+ eo a ema hore a tsamaee, eena le serethe+ sa hae le mohlanka+ oa hae; empa mohoe oa hae, ntat’a mosali eo e mocha, a re ho eena: “Bona, joale! Letsatsi le sekame e se e tla ba mantsiboea. Ka kōpo, hlolang bosiu.+ Bona! letsatsi lea phirima. Hlolang mona bosiu, ’me lipelo tsa lōna li ikutloe li thabile.+ Hosasane le tla tsoha hoseng haholo bakeng sa leeto la lōna, ’me le tla ea tenteng ea lōna.”
-