41 Kapele-pele a ema eaba o inamela fatše ka sefahleho+ ’me o re: “Lekhabunyane la hao ke lena hore e be lekhabunyane le hlatsoang maoto+ a bahlanka ba moren ’a ka.”
8 Qetellong Davida a re ho Uria: “Theohela ntlong ea hao ’me u itlhatsoe maoto.”+ Ka lebaka leo Uria a tsoa ntlong ea morena, ’me mpho ea mosa ea morena ea mo latela.
44 Eaba o retelehela ho mosali eo ’me o re ho Simone: “Na u bona mosali enoa? Ke kene ka tlung ea hao; ha ua ka ua mpha metsi+ bakeng sa maoto a ka. Empa mosali enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho ea hae ’me a e hlakola ka moriri oa hae.
10 ea pakoang ka mesebetsi+ e metle, haeba a ile a hōlisa bana,+ haeba a ile a amohela basele,+ haeba a ile a hlatsoa maoto a bahalaleli,+ haeba a ile a imolla ba matšoenyehong,+ haeba a ile a latela ka khothalo mosebetsi o mong le o mong o molemo.