10 Kahoo a tsoela pele: “Ruri ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka nako ena, ’me, bona! mosali oa hao Sara o tla ba le mora.”+ Joale Sara o ne a mametse a le monyako oa tente, ’me o ne o le ka mor’a monna eo.
16 Joale a re: “Selemong se tlang ka nako ena e behiloeng u tla be u kopile mora.”+ Empa mosali eo a re: “Che, mong’a ka, Uena monna oa Molimo oa ’nete! U se ke ua buela lekhabunyane la hao leshano.”
13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Zakaria, hobane thapeli ea hao e utloiloe+ ka mokhoa o amohelehang, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Johanne.+