-
Baahlodi 16:5Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
5 Marena a selekane+ a Bafilista a qala ho nyolohela ho eena a re ho eena: “Mo thetse+ ’me u bone hore na matla a hae a maholo a tsoa kae ’me re ka mo hlōla ka eng ’me ka sebele re ka mo tlama ka eng e le hore re mo fekise; e mong le e mong oa rōna o tla u fa likotoana tsa silevera tse sekete le lekholo.”+
-
-
Baahlodi 16:30Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
30 Samsone a re: “Moea oa ka o ke o shoe+ le Bafilista.” Joale a inama ka matla, ’me ntlo eo ea oela holim ’a marena a selekane le holim ’a batho bohle ba neng ba le ka har’a eona,+ hoo ba shoeleng bao a ba bolaileng ka lefu la hae ba bileng bangata ho feta bao a neng a ba bolaile ha a sa ntse a phela.+
-
-
1 Samuele 6:4Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
4 Eaba ba re: “Nyehelo ea molato eo re tšoanelang ho e khutlisetsa ho eena ke eng?” Joale ba re: “Ho ea ka palo ea marena a selekane+ a Bafilista, methapo ea ka morao e ruruhileng ea khauta e mehlano le litali tsa khauta tse hlano, etsoe e mong le e mong oa lōna le marena a lōna a selekane o na le lefu la seoa le tšoanang.
-