-
Pesaleme 57:sehloohwana-11Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame. Ha a baleha ka lebaka la Saule, a kena ka lehaheng.+
57 Mpontše mohau, Molimo, u mpontše mohau,+
Etsoe moea oa ka o tšabetse ho uena;+
Ke tšabela moriting oa mapheo a hao ho fihlela litsietsi li feta.+
2 Ke hoeletsa ho Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, ho Molimo oa ’nete ea ba felisang ka lebaka la ka.+
3 O tla romeletsa a le leholimong ’me a mpholose.+
Ka sebele o tla ferekanya ea nkomanyang.+ Selah.
Molimo o tla romela mosa oa hae o lerato le ’nete ea hae.+
Nke ke ka etsa letho haese ho robala har’a ba harolang, bara ba batho,
Bao meno a bona e leng marumo le metsu,+
Le bao maleme a bona e leng sabole e bohale.+
6 Ba lokisitse letlooa bakeng sa mehato ea ka;+
Moea oa ka o iname.+
Ba chekile lemena ka pel’a ka;
Ba oetse ka har’a lona.+ Selah.
Ke tla tsosa mafube.
9 Ke tla u roka har’a lichaba, Jehova;+
Ke tla u binela lipina tsa thoriso har’a lihlopha tsa lichaba.+
-
-
Pesaleme 142:sehloohwana-7Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
Maskile. Ea Davida, ha a le ka lehaheng.+ Thapelo.
142 Ka lentsoe la ka, ke ile ka hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso;+
Ka lentsoe la ka, ka qala ho kōpa hore Jehova a mpontše mohau.+
2 Ka ’na ka tšollela ho tšoenyeha ha ka ka pel’a hae;+
Ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a hae,+
3 Ha moea+ oa ka o tepeletse ka hare ho ’na.
Joale u ne u tseba tsela ea ka.+
Ba mpatetse sefi+
Tseleng eo ke tsamaeang ho eona.+
4 Talima ka letsohong le letona ’me u bone
Hore ha ho ea nkelang hloko.+
Sebaka seo ke balehelang ho sona se ntšenyehetse;+
Ha ho ea botsang ka moea oa ka.+
-