15 Banna bao ba ne ba le molemo haholo ho rōna, ’me ha baa ka ba re tšoenya, ebile ha rea ka ra hloka ntho leha e le ’ngoe ka matsatsi ’ohle ao re tsamaileng le bona ka ’ona ha re ntse re le naheng.+
14 Hape, ba tšebeletsong ea sesole ba ne ba mo botsa: “Le rōna re tla etsa joang?” Eaba o re ho bona: “Le se ke la tšoenya leha e le mang kapa la qosa+ leha e le mang ka bohata, empa le khotsofalle tseo le li lokiselitsoeng.”+