LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 2:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Se setseng nyehelong ea lijo-thollo ke sa Arone le bara ba hae,+ e le ntho e halalelang+ ka ho fetisisa linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo.

  • Levitike 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 E setseng ho eona e tla jeoa+ ke Arone le bara ba hae. E tla jeoa e le mahobe a sa lomosoang+ sebakeng se halalelang. Ba tla e jella ka lebaleng la tente ea pokano.

  • Levitike 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Le tla jella sefuba sa nyehelo+ e tsokoang le leoto la karolo+ e halalelang sebakeng se hloekileng, lōna le bara ba lōna le barali ba lōna,+ hobane li fanoe e le kabelo ea lōna le kabelo ea bara ba lōna mahlabelong a kopanetsoeng a bara ba Iseraele.

  • Numere 5:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “‘Monehelo+ o mong le o mong oa lintho+ tsohle tse halalelang tsa bara ba Iseraele, tseo ba tla li hlahisa ho moprista, e lokela ho ba oa hae.+

  • Numere 18:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ena e tla ba ea hao linthong tse halalelang ka ho fetisisa, nyehelong e entsoeng ka mollo, nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona hammoho le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea lijo-thollo+ le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea sebe+ le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bona ea molato,+ eo ba tla e khutlisetsa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share