6 Kahoo Jonathane a re ho mohlanka, mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”+
26 Davida a qala ho re ho banna ba neng ba eme haufi le eena: “Ho tla etsoa’ng ka monna ea bolaeang Mofilista+ eo ’me a tlosa nyeliso holim ’a Iseraele?+ Etsoe Mofilista eo ea sa bollang+ ke mang hore a nyelise+ makhotla a Molimo ea phelang?”+
7 ha le tlisa basele ba sa bollang lipelong le ba sa bollang nameng,+ e le hore ba tle sehalalelong sa ka hore ba se silafatse, e leng ntlo ea ka; ha le hlahisa bohobe ba ka,+ mafura+ le mali,+ ha ba ntse ba tlōla selekane sa ka ka lebaka la lintho tsohle tsa lōna tse manyala.+