31 Bona! Matsatsi aa tla ao ka ’ona ka sebele ke tla poma letsoho la hao le letsoho la ntlo ea moholo-holo oa hao, hoo ho ke keng ha e-ba le monna-moholo ka tlung ea hao.+
17 Kahoo ea tlalehang litaba a araba a re: “Baiseraele ba balehile ka pel’a Bafilista, hape ho bile le ho hlōloa ho hoholo har’a batho;+ hape bara ba hao ba babeli ba shoele—Hofni le Finease+—le eona areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+
8 Ha ho na motho ea nang le matla holim ’a moea ho thibela moea;+ kapa hore ho na le matla leha e le afe a ho laola letsatsing la ho shoa;+ kapa hore ho na le ho lokolloa leha e le hofe ntoeng. Bokhopo bo ke ke ba pholosa ba inehellang bona.+
13 Empa ho hang lintho li ke ke tsa tsamaea hantle ho ea khopo,+ leha e le hore o tla lelefatsa matsatsi a hae a joaloka moriti,+ hobane ha a tšabe Molimo.+