11 “Ke soabile+ hore ebe ke entse hore Saule a buse e le morena, hobane o tlohetse+ ho ntatela, ’me ha aa phetha mantsoe a ka.”+ Hoo ha bakela Samuele mahlomola,+ ’me a ’na a hoeletsa ho Jehova bosiu bohle.+
22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabela linyehelo tsa secheso+ le mahlabelo joalokaha a thabela ho mameloa ha lentsoe la Jehova? Bona! Ho mamela+ ho molemo ho feta sehlabelo,+ ho ela hloko ho molemo ho feta mafura+ a lipheleu;
23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+