17 “‘Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea lōna, libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo: Ho hang le se ke la ja mafura leha e le afe kapa mali+ leha e le afe.’”
10 “‘Motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa mojaki ea itseng ea lulang e le mojaki har’a lōna ea jang mali+ a mofuta leha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moea+ o jang mali, ’me ruri ke tla mo felisa har’a batho ba habo.
25 “Ka hona e-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Le tsoela pele ho ja ka mali,+ ’me le ntse le phahamisetsa mahlo litšoantšong tse rapeloang tse nyonyehang,+ ’me le ntse le tšolla mali.+ Kahoo na le lokela ho hapa naha?+
29 hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang+ le mali+ le lintho tse fenethiloeng+ le bohlola.+ Haeba le phema lintho+ tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!”