14 Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae;+ ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele+ oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”+
12 Tumellanong le hoo a romeletsa hore a tlisoe. Joale o ne a le mofubelu,+ e le mohlankana ea nang le mahlo a matle le ea ponahalo e ntle. Joale Jehova a re: “Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!”+
22 Ka mor’a ho mo tlosa,+ a ba hlahisetsa Davida e le morena,+ eo a ileng a paka mabapi le eena a re, ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea ratoang ke pelo ea ka,+ ea tla etsa lintho tsohle tseo ke li lakatsang.’+