LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa, ha e le hantle, ke u bolokile u phela ka lebaka lena,+ ka morero oa hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Deuteronoma 28:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lichaba tsohle tsa lefatše li tla lokela ho bona hore u bitsitsoe ka lebitso la Jehova,+ ’me ruri li tla u tšaba.+

  • 1 Marena 8:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng,+ ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona; e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso+ la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba, e le hore li ka tseba hore lebitso la hao le ’nile la bitsoa ntlong ena eo ke e hahileng.+

  • 1 Marena 18:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Eare hoo e ka bang ka nako+ ea ho etsoa ha nyehelo ea lijo-thollo moprofeta Elia a qala ho atamela ’me a re: “Jehova, Molimo oa Abrahama,+ Isaka+ le Iseraele,+ kajeno ho ke ho tsejoe hore ke uena Molimo Iseraele+ ’me ’na ke mohlanka oa hao le hore ke ka lentsoe+ la hao ke entseng lintho tsena tsohle.

  • 2 Marena 19:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale, Jehova Molimo oa rōna,+ ka kōpo, re pholose+ letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”+

  • Pesaleme 46:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ineheleng, ’me le tsebe hore ke ’na Molimo.+

      Ke tla phahamisoa har’a lichaba,+

      Ke tla phahamisoa lefatšeng.”+

  • Esaia 52:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Jehova o pepesitse letsoho la hae le halalelang ka pel’a mahlo a lichaba tsohle;+ ’me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona poloko ea Molimo oa rōna.+

  • Daniele 3:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ke fana ka taelo,+ hore batho leha e le bafe, sechaba kapa puo ba buang ntho leha e le efe e fosahetseng khahlanong le Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego ba lokela ho khaoloa litho,+ ’me matlo a bona a lokela ho fetoloa matloana a sechaba; kahobane ha ho molimo e mong ea khonang ho lopolla ho tšoana le enoa.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share