LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 59:sehloohwana-17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame. Ha Saule a romelelitse hore a bolaoe, ’me ba ntse ba lebetse ntlo.+

      59 Ntopolle ho lira tsa ka, Molimo oa ka;+

      E se eka u ka ntšireletsa ho ba ntsohelang matla.+

       2 Ntopolle ho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+

      U mpholose ho batho ba molato oa mali.

       3 Etsoe, bona! ba laletse moea oa ka;+

      Ba matla baa ntlhasela,+

      Ho se bofetoheli ho ’na, kapa sebe sefe kapa sefe ho ’na, Jehova.+

       4 Le hoja ho se na phoso, baa matha ’me baa itokisa.+

      Tsoha ha ke hooa ’me u bone.+

       5 Jehova Molimo oa mabotho, u Molimo oa Iseraele.+

      U tsohe hore u lebise tlhokomelo ea hao lichabeng tsohle.+

      U se ke ua bontša mohau ho mahlabaphio leha e le afe a kotsi. Selah.

       6 Ba ntse ba khutla ka shoalane;+

      Ba ntse ba bohola joaloka ntja+ ’me ba pota motse ka hohle.+

       7 Bona! Ba bua ba sa khaotse ka melomo ea bona;+

      Lisabole li melomong ea bona,+

      Etsoe ke mang ea mametseng?+

       8 Empa, Jehova, u tla ba tšeha;+

      U tla fetola lichaba tsohle litšeho.+

       9 Uena Matla a ka, ke tla lula ke u talimile;+

      Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso.+

      10 Molimo oa mosa o lerato ho ’na o tla nkhahlanyetsa;+

      Molimo o tla etsa hore ke talime lira tsa ka.+

      11 U se ke ua li bolaea, e le hore batho ba heso ba se ke ba lebala.+

      Ka mafolofolo a hao u etse hore li lelere,+

      U li theole, Uena thebe ea rōna Jehova,+

      12 Ka lebaka la sebe sa melomo ea tsona, lentsoe la melomo ea tsona;+

      E se eka li ka tšoaseha boikakasong ba tsona,

      Esita le ka lebaka la thohako le thetso eo li itlhakisetsang eona.

      13 Li felise ka khalefo;+

      Li felise, e le hore li se ke tsa e-ba teng;

      E se eka li ka tseba hore Molimo o busa Jakobo ho isa lipheletsong tsa lefatše.+ Selah.

      14 Li ke li khutle ka shoalane;

      Li bohole joaloka ntja ’me li pote motse ka hohle.+

      15 Li ke li lelere li batle se jeoang;+

      Li se ke tsa khora kapa tsa hlola bosiu.+

      16 Empa ha e le ’na, ke tla bina ka matla a hao,+

      Hoseng ka thabo ke tla bolela mosa oa hao o lerato.+

      Etsoe u bile sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na+

      Le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola a ka.

      17 Uena Matla a ka, ke tla u binela lipina tsa thoriso,+

      Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, Molimo oa mosa o lerato ho ’na.+

  • Pesaleme 59:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Etsoe, bona! ba laletse moea oa ka;+

      Ba matla baa ntlhasela,+

      Ho se bofetoheli ho ’na, kapa sebe sefe kapa sefe ho ’na, Jehova.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share