LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 32:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao,+ etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.+

  • 1 Samuele 2:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Ke Mophahamisi oa ea tlaase lerōleng;+

      O phahamisa mofutsana sekoting sa molora,+

      Ho etsa hore ba lule le bahlomphehi; o ba fa terone ea khanya+ e le leruo.+

      Etsoe litšehetso tsa lefatše ke tsa Jehova,+

      O beha naha e behang holim ’a tsona.

  • 1 Samuele 18:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Eaba Davida o re ho Saule: “’Na ke mang ’me beng ka ’na, lelapa la Ntate, ke bo-mang Iseraele, hoo nka bang mokhoenyana oa morena?”+

  • Mikea 6:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Uena motho oa lefatše, o u boleletse se molemo.+ Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka+ u rate mosa+ ’me u inyenyefatse+ ha u tsamaea le Molimo oa hao?+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share