LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jobo 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Etsoe kea tseba hore u tla etsa hore ke khutlele lefung,+

      Le ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.

  • Moeklesia 3:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Bohle ba ea sebakeng se le seng.+ Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng,+ ’me bohle ba khutlela lerōleng.+

  • Moeklesia 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao, etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+

  • Diketso 2:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Banna, barab’eso, hoa lumelleha ho bua le lōna ka bolokolohi malebana le hlooho ea lelapa Davida, hore o ile a shoa+ a ba a patoa ’me lebitla la hae le har’a rōna ho fihlela letsatsing lena.

  • Diketso 2:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Ha e le hantle Davida ha aa ka a nyolohela maholimong,+ empa o re, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona,+

  • Diketso 13:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe ka lehlakoreng le leng, Davida+ o ile a sebeletsa thato e boletsoeng ka ho hlakileng ea Molimo molokong oa hae ’me a robala lefung eaba o behoa le baholo-holo ba hae ’me a fela a bona ho bola.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share