LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 32:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ba ntšusumelelitse poulelong ka seo e seng molimo;+

      Ba nkhalefisitse ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tsa lefeela;+

      Ke tla ba susumelletsa poulelong ka seo e seng sechaba;+

      Ke tla ba khopisa ka sechaba se hlokang kelello.

  • 1 Samuele 12:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Le se ke la kheloha hore le latele lintho tseo e seng tsa sebele+ tse se nang molemo+ le tse sa lopolleng, hobane ke lintho tseo e seng tsa sebele.

  • 2 Marena 17:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 ba tsoela pele ho lahla melao ea hae ea tsamaiso le selekane+ sa hae seo a neng a se hlabile le baholo-holo ba bona le likhopotso+ tsa hae tseo a neng a ba lemositse ka tsona, ’me ba qala ho latela litšoantšo tse rapeloang+ tsa lefeela ’me ba fetoha ba se nang thuso,+ esita le ka ho etsisa lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle, tseo malebana le tsona Jehova a neng a ba laetse hore ba se ke ba etsa joaloka tsona;+

  • Esaia 41:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Bonang! Kaofela ha bona ke ho hong ho sa pheleng. Mesebetsi ea bona hase letho. Litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa ke moea le ntho eo e seng ea sebele.+

  • Jeremia 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Motho e mong le e mong o itšoere ka mokhoa o sa nahaneng e le hore a se ke a tseba.+ Ka sebele e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla ikutloa a hlabiloe ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng;+ etsoe setšoantšo sa hae se entsoeng ka ho qhibilihisoa ke leshano,+ ’me ha ho na moea ho tsona.+

  • Diketso 14:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 ba re: “Banna, ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? Le rōna re batho+ ba nang le mefokolo+ e tšoanang le eo le nang le eona, ’me re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela+ le tle ho Molimo+ ea phelang, ea entseng leholimo+ le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.

  • 1 Bakorinthe 8:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale malebana le ho ja+ lijo tse nyeheloang ho litšoantšo tse rapeloang, rea tseba hore setšoantšo se rapeloang hase letho+ lefatšeng, le hore ha ho na Molimo haese a le mong.+

  • 1 Bakorinthe 10:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale, ke tla re’ng? Na ke tla re se hlabetsoeng setšoantšo se rapeloang ke letho, kapa ke tla re setšoantšo se rapeloang ke letho?+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share