LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 20:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, oa ba ntlhoileng;+

  • Joshua 24:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa,+ ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa+ kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.+ Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”+

  • 1 Samuele 7:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Samuele a re ho bohle ba ntlo ea Iseraele: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna,+ lahlang melimo esele har’a lōna+ le litšoantšo tsa Ashtorethe,+ le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela,+ ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+

  • Pesaleme 100:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Tsebang hore Jehova ke Molimo.+

      Ke eena ea re entseng, eseng rōna.+

      Re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share