16 Feela ha aa lokela ho ikekeletsa lipere,+ leha e le ho khutlisetsa sechaba Egepeta bakeng sa ho eketsa lipere;+ athe Jehova o itse ho lōna, ‘Le ka mohla le se ke la boela la khutla ka tsela ena.’
4 Davida a hapa ho eena banna ba lipere ba sekete le makholo a supileng le banna ba likete tse mashome a mabeli ba tsamaeang ka maoto; Davida a khaola mesifa+ ea lipere+ tsohle tse hulang likoloi, empa ho tsona a siea lipere tse lekholo tse hulang likoloi.
25 E mong le e mong o ne a tlisa mpho+ ea hae, lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le liaparo le lihlomo+ le oli ea balsame, lipere le limmoulo,+ e le taba e tloaelehileng ea selemo le selemo.