3 O tla re ho sona, ‘Utloang, Lōna Baiseraele, kajeno le atamela ntoeng khahlanong le lira tsa lōna. Lipelo tsa lōna li se ke tsa tšoha.+ Le se ke la tšaba ’me la matha le tšohile kapa la tlakasela ka lebaka la tsona,+
10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+
7 “’Mameleng, lōna ba tsebang ho loka, sechaba seo molao oa ka o leng ka lipelong tsa sona.+ Le se ke la tšaba nyeliso ea batho ba shoang, ’me le se ke la tšosoa ke mantsoe a bona a nyefolang.+