LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 32:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Etsoe mollo o hotelitsoe bohaleng ba ka+

      O tla tuka ho fihlela Sheole, sebaka se tlaase-tlaase,

      O tla chesa lefatše le lihlahisoa tsa lona+

      O tla chesa metheo ea lithaba.+

  • Esaia 33:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Sione baetsalibe ba tšohile;+ ho thothomela ho tšoere bakoenehi:+ ‘Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe mollong o timetsang?+ Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe khanareng e tšoarellang halelele?’+

  • Jeremia 7:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+

  • Jeremia 17:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “‘“Empa haeba le sa ’mamele ka ho halaletsa letsatsi la sabatha le ka ho se jare mojaro,+ empa le kena ka oona lihekeng tsa Jerusalema ka letsatsi la sabatha, ke tla hotetsa mollo lihekeng tsa eona,+ ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema+ ’me o ke ke oa tima.”’”+

  • Ezekiele 20:48
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 48 Nama eohle e tla bona hore ’na, Jehova, ke o hotelitse, hoo o ke keng oa tima.”’”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share