LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 18:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi+ kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea+ kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele+ kapa leha e le mang ea botsang bafu.+

  • 2 Marena 21:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 A fetisa mora oa hae mollong, ’me a sebelisa boselamose+ ’me a batla lipontšo tsa se tlang ’me a etsa hore ho be le ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.

  • Esaia 8:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+

  • Diketso 16:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Eare ha re ntse re e-ea sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le itseng le nang le moea,+ modemona oa bonohe,+ la re khahlanyetsa. Le ne le ruisa+ beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share