LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 24:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Matsatsing a hae Nebukadnezare+ morena oa Babylona a hlaha, kahoo Jojakime ea e-ba mohlanka oa hae ka lilemo tse tharo. Leha ho le joalo, a koeneha ’me a mo fetohela.

  • Jeremia 27:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘“‘Sechaba le ’muso o ke keng oa mo sebeletsa, Nebukadnezare morena oa Babylona; le se ke keng sa beha molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babylona, ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho sechaba seo ka sabole+ le ka tlala+ le ka lefu la seoa,’+ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela ke se timelitse ka letsoho la hae.’+

  • Jeremia 32:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona matsohong a Bakalde le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, ’me o tla o hapa.+

  • Jeremia 43:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Bona! kea romeletsa ’me ke tla nka Nebukadrezare morena oa Babylona,+ mohlanka oa ka,+ ke tla beha terone ea hae holim ’a majoe ana ao ke a patileng, ’me ka sebele o tla otlolla tente ea hae ea bophahamo holim ’a ’ona.

  • Ezekiele 26:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke etsa hore Nebukadrezare morena oa Babylona ea tsoang leboea,+ morena oa marena,+ a futuhele Tyre ka lipere+ le ka likoloi tsa ntoa+ le ka banna ba palameng lipere le ka phutheho,+ esita le ka sechaba se sengata haholo.

  • Daniele 4:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “Morena Nebukadnezare, ho batho bohle, lichaba le lipuo ba lulang lefatšeng lohle:+ E se eka khotso ea lōna e ka ngatafala.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share