LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 37:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Tumellanong le hoo Morena Tsedekia a laela, eaba ba kenya Jeremia litlamong Lebaleng la Balebeli;+ o ne a fuoa polokoe ea bohobe letsatsi le leng le le leng e tsoang seterateng sa baapehi,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a tsoela pele ho lula Lebaleng la Balebeli.+

  • Jeremia 38:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ea tsoelang pele ho lula motseng ona o tla bolaoa ka sabole,+ tlala+ le lefu la seoa.+ Empa ea eang ho Bakalde o tla tsoela pele a phela ’me ka sebele o tla fumana moea oa hae e le thepa e hapuoeng ’me a phele.’+

  • Ezekiele 5:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Karolo ea boraro ea hao—e tla shoa ka lefu la seoa,+ ’me e tla felisoa ke tlala ka hare ho uena.+ Karolo e ’ngoe ea boraro—e tla oa ka sabole ho u pota-pota ka hohle. Karolo ea boraro ea ho qetela ke tla e hasanyetsa moeeng o mong le o mong,+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+

  • Ezekiele 7:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Sabole+ e ka ntle, ’me lefu la seoa le tlala li ka hare.+ Mang kapa mang ea tšimong, o tla bolaoa ka sabole, ’me leha e le bafe ba leng motseng, tlala le lefu la seoa li tla ba timetsa.+

  • Ezekiele 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Kahoo, ho tla ba joalo ha ho e-ba le liketso tsa ka tse ’nè tse kotsi tsa kahlolo+—sabole le tlala le sebata se kotsi le lefu la seoa+—tseo ke tla li romela Jerusalema e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share