LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 26:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Ke tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ke tla ntša sabole selateng ka mor’a lōna;+ naha ea lōna e tla ba lesupi,+ ’me metse ea lōna e tla ba lesupi.

  • Deuteronoma 4:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 kajeno ke nka maholimo le lefatše+ e le lipaki khahlanong le lōna, hore ruri le tla timela ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua. Le ke ke la lelefatsa matsatsi a lōna ho eona, hobane ruri le tla felisoa.+

  • Deuteronoma 28:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Jehova o tla u tsamaisa+ hammoho le morena+ oa hao eo u mo behileng hore a u okamele a u ise sechabeng seo u sa se tsebeng, uena kapa baholo-holo ba hao; moo u tla lokela ho sebeletsa melimo e meng, ea lehong le ea lejoe.+

  • Deuteronoma 28:64
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 64 “Ka sebele Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše,+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e meng eo le sa kang la e tseba, lōna kapa baholo-holo ba lōna, ea lehong le lejoe.+

  • 2 Marena 23:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Empa Jehova a re: “Juda,+ le eona, ke tla e tlosa ponong ea ka,+ feela joalokaha ke tlositse Iseraele;+ ka sebele ke tla lahla motse ona oo ke o khethileng, eona Jerusalema, le ntlo eo ka eona ke itseng, ‘Lebitso la ka le tla hlola moo.’”+

  • Jeremia 24:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Hape ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele, tlokotsing, mebusong eohle ea lefatše,+ nyelisong le polelong ea maele, sesomong+ le thohakong,+ libakeng tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona.+

  • Jeremia 25:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng, ntho e makalloang, ’me lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.”’+

  • Ezekiele 12:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 ‘“Etsoe ’na, Jehova, ke tla bua lentsoe leo ke tla le bua, ’me le tla phethoa.+ Ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho chechisetsoa morao, etsoe matsatsing a lōna,+ ntlo e tletseng borabele, ke tla bua lentsoe ’me ka sebele ke le phethe,” ho bolela ’Musi Morena Jehova.’”

  • Ezekiele 24:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ’Na, Jehova, ke boletse.+ Ho tla tla,+ ’me ke tla nka bohato. Nke ke ka ho hlokomoloha,+ kapa ka utloela bohloko+ kapa ka ikutloa ke soabile.+ Ka sebele ba tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao le ho ea ka mesebetsi ea hao,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share