2 Eaba mothusi eo morena a neng a itšetlehile+ ka letsoho la hae o araba monna oa Molimo oa ’nete ’me o re: “Haeba Jehova a ne a etsa likhoro tsa moroallo maholimong,+ na ntho ee e ne e tla etsahala?”+ Eaba o re: “Bona! u iponela ka mahlo,+ empa u ke ke ua e ja.”+
24 Ka hona feela joalokaha mollo o chesa litlhaka+ ’me joang bo omileng bo chesoa ke lelakabe, motso oa bona o tla ba joaloka monko oa ho bola,+ le thunthung ea bona e nyolohe joaloka phofo, hobane ba lahlile molao oa Jehova oa mabotho,+ ’me ba hlompholotse+ polelo ea Mohalaleli oa Iseraele.
22 Joale le se ke la ba basomi,+ e le hore marapo a lōna a se ke a tiea, etsoe ho na le pheliso, ntho e etselitsoeng qeto, eo ke e utloileng ho ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, bakeng sa naha eohle.+
2 Jehova ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng+ le ea iphetetsang; Jehova oa iphetetsa+ ’me o na le tšekamelo ea ho halefa.+ Jehova o iphetetsa khahlanong le bahanyetsi ba hae,+ ’me o na le khalefo ho lira tsa hae.+