40 U tla phela ka sabole ea hao,+ ’me u tla sebeletsa mor’eno.+ Empa ka sebele etlare ha u se u hloka phomolo, ruri u tla roba joko ea hae molaleng oa hao.”+
14 A beha mabotho a lulang setsing sa sesole Edomo.+ Ho Edomo eohle a beha mabotho a lulang setsing sa sesole, eaba Baedomo bohle e ba bahlanka ba Davida;+ Jehova a ’na a pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.+
9 Morena oa Iseraele le morena oa Juda le morena oa Edomo+ ba tsamaea, ’me ba ’na ba tsamaea ka matsatsi a supileng, ’me ho ne ho se na metsi bakeng sa batho ba lulang liahelong le bakeng sa liphoofolo tse ruuoang tse neng li ba latela.