22 Qetellong bara ba Iseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng,+ ha metsi e le lebota ho bona ka letsohong la bona le letona le le letšehali.+
17 Ho sa le joalo baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova ba ’na ba ema ba sa sisinyehe mobung o omileng+ bohareng ba Jordane ha Baiseraele bohle ba ntse ba tšela mobung o omileng,+ ho fihlela sechaba kaofela se qetile ho tšela Jordane.
14 Joale a nka seaparo se khethehileng sa Elia se neng se oele ho eena ’me a otla metsi+ eaba o re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?”+ Eitse ha a otla metsi, joale butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo Elisha a ileng a tšela.
15 Ka sebele Jehova o tla khaola leleme la leoatle la Egepeta,+ ’me a tsokele letsoho la hae Nōkeng+ ka cheseho ea moea oa hae. O tla e otla melapong ea eona e supileng e phoroselang, ’me o tla etsa hore batho ba tsamaee ba roetse meqathatso ea bona.