5 Ka lebaka leo Jehova a fa Baiseraele mopholosi,+ hoo ba ileng ba tsoa tlas’a letsoho la Syria, ’me bara ba Iseraele ba tsoela pele ho lula malapeng a bona joaloka pele.+
20 “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato?+ Etsoe ka tekanyo eo ke buileng khahlanong le eena ka eona ruri ke tla mo hopola ka ho eketsehileng.+ Ke ka lebaka leo mala a ka a lubehileng ka lebaka la hae.+ Ruri ke tla mo hauhela,”+ ho bolela Jehova.
7 Empa ke tla bontša mohau ho ba ntlo ea Juda,+ ’me ke tla ba pholosa ka Jehova Molimo oa bona;+ empa nke ke ka ba pholosa ka seqha kapa ka sabole kapa ka ntoa, ka lipere kapa ka banna ba lipere.”+