29 Etsoe ruri ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa ka mokhoa o senyang,+ ’me ka sebele le tla kheloha tseleng eo ke le laetseng eona; tlokotsi+ e tla le hlahela qetellong ea matsatsi, hobane le tla etsa se sebe mahlong a Jehova hore le mo siteloe ka mesebetsi ea matsoho a lōna.”+
16 ka lebaka la ho tlōla ha lōna selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a le laetseng sona, le hobane le tlohile ’me la sebeletsa melimo e meng le ho e inamela.+ Ka sebele bohale ba Jehova bo tla le tukela,+ ’me ka sebele le tla timela ka potlako lefatšeng le letle leo a le fileng lona.”+
26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena; ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+