LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 20:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, oa ba ntlhoileng;+

  • Exoda 23:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 U se ke ua inamela melimo ea bona kapa ua hlohlelletsoa hore u e sebeletse, ’me u se ke ua etsa ntho leha e le efe e tšoanang le mesebetsi ea bona,+ empa ruri u ba felise ’me ruri u heletse litšiea tsa bona tse halalelang.+

  • Exoda 34:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Le se ke la itihela fatše ka sefahleho ho molimo o mong,+ hobane Jehova, eo lebitso la hae e leng Poulelo, ke Molimo ea boulelang;+

  • Deuteronoma 4:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Haeba le tsoala bara le litloholo ’me le lutse nako e telele naheng ’me le etsa ka mokhoa o senyang+ ’me le etsa setšoantšo se betliloeng,+ sebōpeho sa ntho leha e le efe, ’me le etsa bobe mahlong a Jehova Molimo oa lōna+ hoo le mo siteloang,

  • Deuteronoma 5:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 U se ke ua li inamela kapa ua khanneloa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara le ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, ho ba ntlhoeang;+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share