LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 50:sehloohwana-23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Pina ea thoriso ea Asafe.

      50 Ea Nang le Bomolimo,+ Molimo, Jehova,+ o buile,

      O bitsa lefatše,+

      Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela.+

       2 A le Sione, e phethahetseng ka botle,+ Molimo o bonahalitse khanya.+

       3 Molimo oa rōna o tla tla ’me ho ke ke ha khoneha hore a khutse.+

      Ka pel’a hae mollo oa timetsa,+

      Ho mo pota-pota ka hohle ho bile le boemo ba leholimo ba sefefo se fetisisang.+

       4 O bitsa maholimo a holimo le lefatše+

      E le hore a ka phethahatsa kahlolo ho batho ba hae:+

       5 “Bokellang ho ’na ba tšepahalang ba ka,+

      Ba hlabang selekane sa ka ka sehlabelo.”+

       6 Maholimo a bolela ho loka ha hae,+

      Etsoe Molimo ke Moahloli.+ Selah.

       7 “Le mamele, Lōna sechaba sa ka, ’me ke tla bua,+

      Lōna Baiseraele, ’me ke tla paka khahlanong le lōna.+

      Ke ’na Molimo, Molimo oa lōna.+

       8 Ha ke le khalemelle mahlabelo a lōna,+

      Kapa linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso tse ka pel’a ka kamehla.+

       9 Nke ke ka nka poho ntlong ea lōna,+

      Le liphooko masakeng a lōna.

      10 Etsoe phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka,+

      Liphoofolo tse holim’a lithaba tse sekete.+

      11 Ke tseba hantle sebōpuoa se seng le se seng se nang le mapheo sa lithaba,+

      Le mehlape ea liphoofolo tsa naha e sabaletseng e na le ’na.+

      12 Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella;

      Etsoe naha e behang+ le botlalo ba eona ke tsa ka.+

      13 Na ke tla ja nama ea lipoho tse matla,+

      Na ke tla noa mali a liphooko?+

      14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lōna ho Molimo,+

      Le phethe boitlamo ba lōna ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+

      15 Le mpitse letsatsing la mahlomola.+

      Ke tla le pholosa, ’me le tla ntlotlisa.”+

      16 Empa Molimo o tla lokela ho re ho ea khopo:+

      “U na le tokelo efe ea ho lokolisa melao ea ka ea tsamaiso,+

      Le hore u ka beha selekane sa ka molomong oa hao?+

      17 Le hona, uena—u hloile taeo,+

      U ntse u lahlela mantsoe a ka ka mor’a hao.+

      18 Neng kapa neng ha u bona lesholu, u ne u bile u khahloa ke lona;+

      U ne u arolelana le bafebi.+

      19 Molomo oa hao u o lokolletse se sebe,+

      Leleme la hao u le boloka le khomaretse thetso.+

      20 Ua lula ’me u bua khahlanong le mor’eno,+

      U hlahatsa molato khahlanong le mora oa ’m’ao.+

      21 U entse lintho tsena, ’me ka ’na ka khutsa.+

      U ile ua nahana hore ka sebele ke tla ba joaloka uena.+

      Ke tlil’o u khalemela, ’me ke tla lokisa lintho ka pel’a mahlo a hao.+

      22 Ka kōpo, utloisisang sena, lōna ba lebalang Molimo,+

      E le hore ke se ke ka le rusolla ho se molopolli leha e le ofe.+

      23 Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae ke eena ea ntlotlisang;+

      Ha e le ea ipolokang tseleng e behiloeng,

      Ke tla etsa hore a bone poloko ea Molimo.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share