25 Letsatsing lena ke tla qala ho etsa hore lichaba tse tlas’a maholimo ’ohle, tse tlang ho utloa tlaleho e mabapi le lōna li le tšabe ’me li le tšohe; ’me ka sebele li tla ferekana ’me li be le mahlaba a kang a pelehi ka lebaka la lōna.’+
25 Ha ho motho ea tla ema a tiile khahlanong le lōna.+ Jehova Molimo oa lōna o tla etsa hore naha+ eohle eo le tla hata ho eona e le tšohe ’me e le tšabe, feela joalokaha a le tšepisitse.
9 A re ho banna bao: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena,+ le hore ho le tšaba ho re oetse holimo,+ le hore baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lōna.+