LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 46:sehloohwana-11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora malebana le Baroetsana. Pina.

      46 Molimo ke setšabelo le matla a rōna,+

      Thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.+

       2 Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšaba, le hoja lefatše le fetoha+

      Le hoja lithaba li sisinyeha ho kena ka har’a leoatle le leholo;+

       3 Le hoja metsi a lona a loebehlana, a etsa makoeba,+

      Le hoja lithaba li reketla ha le e-ba moferefere.+ Selah.

       4 Ho na le nōka eo melapo ea eona e thabisang motse oa Molimo,+

      Tabernakele e khōlō e halalelang ka ho fetisisa ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+

       5 Molimo o ka har’a motse;+ o ke ke oa sisinngoa.+

      Molimo o tla o thusa ha e e-ba hoseng.+

       6 Lichaba li ile tsa e-ba morusu,+ mebuso ea sisinyeha;

      O ile a ntša molumo ka lentsoe la hae, lefatše la qala ho qhibiliha.+

       7 Jehova oa mabotho o na le rōna;+

      Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.

       8 Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova,+

      Kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng.+

       9 O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.+

      O roba seqha ’me o robakanya lerumo;+

      O chesa likoloi mollong.+

      10 “Ineheleng, ’me le tsebe hore ke ’na Molimo.+

      Ke tla phahamisoa har’a lichaba,+

      Ke tla phahamisoa lefatšeng.”+

      11 Jehova oa mabotho o na le rōna;

      Molimo oa Jakobo ke sebaka se phahameng sa tšireletso bakeng sa rōna.+ Selah.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share