LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 12:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Joale Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa peō+ ea hao naha ena.”+ Ka mor’a moo a haha aletare moo bakeng sa Jehova, ea ileng a hlaha ho eena.

  • Genese 15:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame,+ a re: “Ke tla fa peō ea hao naha ena,+ ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate:+

  • Genese 17:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ke tla fa uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao naha ea bojaki ba hao,+ esita le naha eohle ea Kanana, hore le e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ’me ke tla ba Molimo oa eona.”+

  • Genese 26:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Lula u le mojaki naheng ena,+ ’me ke tla ba le uena ke u hlohonolofatse, hobane ke tla fa uena le peō ea hao linaha tsena kaofela,+ ’me ke tla phetha polelo e hlapanyelitsoeng eo ke e hlapanyelitseng ntat’ao Abrahama,+

  • Deuteronoma 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Hase ka ho loka+ ha hao kapa ka ho loka ha pelo+ ea hao u tlang ho rua naha ea tsona; ha e le hantle, ke ka bokhopo ba lichaba tsena Jehova Molimo oa hao a li lelekang ka pel’a hao,+ e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba hao, Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share