LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esthere 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha romeloa mangolo liprofinseng tsohle tsa morena ka batsamaisi ba melaetsa,+ bakeng sa ho felisa, ho bolaea le ho timetsa Bajuda bohle, mohlankana hammoho le monna-moholo, bana ba banyenyane le basali, ka letsatsi le le leng,+ ka letsatsi la leshome le metso e meraro la khoeli ea leshome le metso e ’meli, e leng, khoeli ea Adare,+ le ho tlatlapa thepa e hapuoeng ho bona.+

  • Esthere 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 bara ba leshome+ ba Hamane+ mora oa Hamedatha, ea bontšang bora ho Bajuda,+ ba ba bolaea; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+

  • Esthere 9:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Bajuda ba neng ba le Shushane ba phutheha hape letsatsing la leshome le metso e mene+ la khoeli ea Adare, ’me ba bolaea banna ba makholo a mararo Shushane; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng.+

  • Esthere 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ha e le Bajuda ba bang kaofela ba neng ba le liprofinseng+ tsa morena, ba phutheha, ’me ha emeloa meea ea bona+ ka tieo, ’me ha e-ba le ho iphetetsa+ ho lira tsa bona le ho bolaea har’a ba ba hloileng ba likete tse mashome a supileng a metso e mehlano; empa ha baa ka ba beha matsoho a bona ho se tlatlapuoeng,

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share