Exoda 5:2 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang,+ hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova+ ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+ Pesaleme 10:4 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 4 Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise;+Likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: “Molimo ha a eo.”+ Hosea 13:6 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 6 Ho ea ka lekhulo la bona ba boetse ba khora.+ Ba ile ba khora ’me lipelo tsa bona tsa qala ho iphahamisa.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba ntebala.+
2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang,+ hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova+ ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+
4 Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise;+Likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: “Molimo ha a eo.”+
6 Ho ea ka lekhulo la bona ba boetse ba khora.+ Ba ile ba khora ’me lipelo tsa bona tsa qala ho iphahamisa.+ Ke ka lebaka leo ba ileng ba ntebala.+