19 Ke mang ea tsebang hore na o tla ba bohlale kapa e be leoatla?+ Empa leha ho le joalo o tla ba le taolo holim ’a mosebetsi oohle oa ka o boima oo ke ileng ka sebetsa ka thata ho oona le oo ke ileng ka bontša bohlale ho oona tlas’a letsatsi.+ Sena le sona ke lefeela.
8 Ho na le a le mong, empa ha ho oa bobeli;+ hape ha a na mora kapa mor’abo,+ empa mosebetsi oohle oa hae o boima ha o fele. Hape, mahlo a hae ha a khotsofalle maruo:+ “Ke sebeletsa mang ka thata le ho hlokisa moea oa ka lintho tse molemo?”+ Sena le sona ke lefeela, ’me ke mosebetsi oa tlokotsi.+
20 Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena.+ Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’+