LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 1:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Eaba Molimo o tsoela pele ho re: “Bonang! ke le file limela tsohle tse behang peō tse holim ’a lefatše lohle le sefate se seng le se seng seo ho sona ho nang le litholoana tsa sefate se behang peō.+ E ke e be lijo tsa lōna.+

  • Genese 9:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna.+ Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela.+

  • Matheu 6:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Ka lebaka lena ke re ho lōna: Khaotsang ho tšoenyeha+ ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng.+ Na moea ha o bohlokoa ho feta lijo le ’mele ho feta liaparo?+

  • Matheu 6:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, tse leng teng kajeno ’me hosasane li lahleloa ka ontong, na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa haholo, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?+

  • Luka 12:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Joale, haeba Molimo a apesa joalo limela tse naheng tseo kajeno li leng teng ’me hosasane li lahleloa ka ontong, ho e-na le hoo o tla le apesa hakaakang, lōna ba nang le tumelo e nyenyane!+

  • Johanne 3:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 “Etsoe Molimo o ratile+ lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora+ oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo+ ho eena a se ke a timetsoa+ empa a be le bophelo bo sa feleng.+

  • Diketso 14:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo,+ a le fa lipula+ tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share