LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 74:sehloohwana-23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Maskile. Ea Asafe.

      74 Molimo, u re lahletse’ng ka ho sa feleng?+

      Ke hobane’ng ha bohale ba hao bo ntse bo tukela mohlape oa lekhulo la hao?+

       2 Hopola phutheho ea hao eo u e fumaneng khale,+

      Moloko oo u o lopolotseng e le lefa la hao,+

      Thaba ena ea Sione eo u lutseng ho eona.+

       3 U phahamisetse mehato ea hao masuping a tšoarellang halelele.+

      Sera se tšoere ntho e ’ngoe le e ’ngoe hampe sebakeng se halalelang.+

       4 Ba bontšang bora ho uena ba purumme bohareng ba sebaka sa hao sa pokano.

      Ba behile lipontšo tsa bona e le lipontšo.+

       5 Motho o tumme hampe ka ho tšoana le ea phahamisang lilepe ho rema mofero oa lifate.

       6 Joale mengolo ea oona e fatiloeng, kaofela, ba e hlatha ka selepe le libalaka tse nang le lintlha tsa tšepe.+

       7 Ba lahletse sehalalelo sa hao mollong.+

      Ba silafalelitse tabernakele ea lebitso la hao fatše.+

       8 Bona, esita le bana ba bona, ka lipelong tsa bona ba itse hammoho:

      “Libaka tsohle tsa pokano tsa Molimo li tla chesoa naheng ena.”+

       9 Ha rea bona lipontšo tsa rōna; ha ho sa na moprofeta,+

      Ho rōna ha ho ea tsebang hore na ke halelele hakae.

      10 Molimo, mohanyetsi o tla ’ne a nyelise halelele hakae?+

      Na sera se tla ’ne se hlompholle lebitso la hao ka ho sa feleng?+

      11 Ke hobane’ng ha u boloka letsoho la hao, letsoho la hao le letona, le honyelitsoe+

      Sefubeng sa hao bakeng sa ho re felisa?

      12 Leha ho le joalo Molimo ke Morena oa ka ho tloha khale,+

      Ea tlisang poloko e khōlō lefatšeng.+

      13 U ile ua fuluha leoatle ka matla a hao;+

      Ua roba lihlooho tsa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle ka metsing.+

      14 U ile ua silakanya lihlooho tsa Leviathane.+

      Ua fana ka eona e le lijo ho batho, ho ba ahileng libakeng tse se nang metsi.+

      15 Ke Uena ea ileng a arola seliba le molapo o phoroselang;+

      Ua pshesa linōka tse phallang kamehla.

      16 Motšehare ke oa hao; hape, bosiu ke ba hao.+

      U ile ua lokisa mohloli oa leseli, esita le letsatsi.+

      17 Ke uena ea ileng a hloma meeli eohle ea lefatše;+

      Lehlabula le mariha—u ile ua li etsa.+

      18 Hopola sena: Sera se nyelisitse, Jehova,+

      Le batho ba se nang kelello ba hlompholotse lebitso la hao.+

      19 U se ke ua fa sebata moea oa leebana-khoroana la hao.+

      U se ke ua lebala ka ho sa feleng bophelo ba batho ba hao ba hlorileng.+

      20 Talima selekane,+

      Etsoe libaka tse lefifi tsa lefatše li tletse libaka tsa bolulo tsa pefo.

      21 E se eka ea hateletsoeng a ke ke a khutla a kokobelitsoe.+

      E se eka ea hlorileng le ea futsanehileng ba ka rorisa lebitso la hao.

      22 Tsoha, Molimo, u tsamaise nyeoe ea hao.+

      Hopola ho nyelisoa ha hao letsatsi lohle ke ea se nang kelello.+

      23 U se ke ua lebala mantsoe a ba bontšang bora ho uena.+

      Lerata la ba u tsohelang matla le nyoloha kamehla.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share