14 Eaba o re: “Che, empa ’na—ke le khosana ea lebotho la Jehova joale ke tlile.”+ Eaba Joshua o itihela fatše ka sefahleho ’me oa khumama+ o re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?”
35 Bosiung boo lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa Baassyria.+ Ha batho ba tsoha hoseng, kaofela ha bona e ne e le litopo.+
19 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Ke ’na Gabriele,+ ea emang haufi ka pel’a Molimo, ’me ke rometsoe ho tla bua+ le uena le ho u bolella litaba tse molemo tsa lintho tsena.