31 Ka mor’a moo Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la botšelela.
17 Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa eaba o qala ho ikhatholla.’”+
19 Ke tla ithabela ho Jerusalema ’me ke ithabele ho sechaba sa ka;+ ha ho sa tla hlola ho utluoa ho eona molumo oa ho lla kapa molumo oa mohoo oa ho utloa bohloko.”+