LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 19:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Thaba ea Sinai ea kubella mosi ka hohle,+ ka lebaka la hore Jehova o ne a theohetse ho eona ka mollo;+ mosi oa eona oa ’na oa nyoloha joaloka mosi oa sebōpi,+ ’me thaba eohle e ne e thothomela haholo.+

  • Exoda 20:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Joale sechaba sohle se ne se bona lialuma le ho tšoelima ha lehalima le molumo oa lenaka le thaba e kubellang mosi. Ha sechaba se li bona, joale sa thothomela ’me sa emella hōjana.+

  • Baahlodi 5:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Jehova, ha u tloha Seire,+

      Ha u tloha naheng ea Edomo,+

      Lefatše le ile la reketla,+ maholimo le ’ona a rotha,+

      Maru le ’ona a rotha metsi.

  • Pesaleme 29:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 O etsa hore li thale joaloka namane,+

      Lebanone le Sirione+ joaloka manamane a matona a lipoho tse hlaha.

  • Pesaleme 68:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Lefatše le ile la reketla,+

      Leholimo le lona la rotha ka lebaka la Molimo;+

      Sinai ena ea reketla ka lebaka la Molimo,+ Molimo oa Iseraele.+

  • Jeremia 4:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ka talima lithaba, ’me, bonang! li ne li reketla, le maralla kaofela a ne a sisinngoa.+

  • Habakuke 3:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 O ile a ema a sa sisinyehe, e le hore a ka sisinya lefatše.+ O ile a bona, joale a etsa hore lichaba li tlōle.+

      Lithaba tsa ka ho sa feleng li ile tsa thuhakanngoa;+ maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang a inama.+ Metsamao ea khale ke ea hae.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share