9 “‘Ha le kotula lijalo tšimong ea lōna, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lōna ka ho feletseng, ’me le se ke la thonaka se khoahlapisoang lijalong tsa lōna.+
10 Hape, le se ke la bokella masalla+ a lirapeng tsa lōna tsa morara, ’me le se ke la thonaka morara o hasaneng lirapeng tsa lōna tsa morara. Le o siele ea hlorileng le mojaki.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.
22 “‘Ha le kotula lijalo tsa naha ea lōna, le se ke la kotula moeli oa tšimo ea lōna ka ho feletseng, ’me le se ke la thonaka se khoahlapisoang lijalong tsa lōna.+ Le lokela ho se siela ea hlorileng+ le mojaki.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’”