17 Nako le nako ba ntse ba re ho ba ntlhomphollang, ‘Jehova o boletse: “Le tla ba le khotso.”’+ Ho e mong le e mong ea tsamaeang ka manganga a pelo+ ea hae ba itse, ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+
7 Na hase pono ea bohata eo le e boneng, le bonohe ba leshano boo le bo buileng, ha le re, ‘Se boleloang ke Jehova ke hore,’ le hoja ke sa ka ka bua letho?”’+
11 Haeba motho, ea tsamaeang ka moea le leshano, a boletse leshano:+ “Ke tla tlohela mantsoe hore a tsoele ho lōna malebana le veine le malebana le joala bo tahang,” ka sebele e tla boela e be eena ea tlohelang mantsoe hore a tsoe sechabeng sena.+
3 Etsoe ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle,+ empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe;+