12 “Etlare ha Jehova a felisa mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.+
13 Ha e le uena, u itse ka pelong ea hao, ‘Ke tla nyolohela maholimong.+ Ke tla phahamisetsa terone+ ea ka holim ’a linaleli+ tsa Molimo, ’me ke tla lula thabeng ea pokano,+ likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea.+