LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 27:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ha makalana a oona a omeletse, basali ba kenang ba tla a khethula, ba a bese.+ Etsoe hase sechaba se nang le kutloisiso e matla.+ Ke ka lebaka leo Moetsi oa sona a ke keng a se bontša mohau, le ’Mōpi oa sona a ke keng a se bontša mohau.+

  • Jeremia 8:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Esita le mokotatsie maholimong—o tseba hantle linako tsa oona tse behiloeng;+ le leebana-khoroana+ le lehaqasi le hlakahlothoana—li boloka hantle nako ea ho kena ha e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ha e le sechaba sa ka, ha se tsebe kahlolo ea Jehova.”’+

  • Hosea 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka sebele sechaba sa ka se tla khutsisoa, hobane ha ho tsebo.+ Kahobane u lahlile tsebo,+ le ’na ke tla u lahla hore u se ke ua sebeletsa u le moprista ho ’na;+ ’me kahobane u ntse u lebala molao oa Molimo oa hao,+ le ’na ke tla lebala bara ba hao.+

  • Luka 19:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 ’me li tla u tabanya fatše+ le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim ’a lejoe+ ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa+ ha hao.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share